Sing Like a Pro - Module 10 Sesotho - Most Beautiful Appear

Поділитися
Вставка
  • Опубліковано 20 лип 2021
  • Selemo le selemo, sehlopha sa dibini sa CTO, seletsi mmoho le motsamaisi wa tsa thuto ba kena leetong la ho potoloha naha la ho fana ka dithupelo tsa mmino ho diketekete tsa baithuti ba nkang seabo ditlhodisanong tsa South African Schools Choral Eisteddford.
    Ka lebaka la ho kwalwa ha naha ya Afrika Borwa ka kgwedi ya Tlhakubele, sehlopha sa selemong sena se ile sa qobelleha ho kgaotsa ka leeto la sona. Lefapha la Ntshetsopele le Thuto ya Batjha la CTO le ile la theha letoto la divideo tse 12 tsa tataiso tse bontshang mekgwa e nepahetseng ya ho sebedisa lentswe, tse hlakisang mathata a itseng sekotwaneng ka seng le mofuteng ka mong wa lentswe, le ho bontsha bahlodi ba fetileng ba tlhodisano ya SASCE bao jwale e seng e le dibini tsa ditsebi. CTO e sebetsa le Lefapha la Thuto ya Motheo ho fana ka dithupelo tsena ka inthanete ho baithuti ho potoloha Afrika Borwa le ka nqane ho meedi. Ka diteboho tse ikgethileng ho The Judith Neilson Head Trust, The City of Cape Town, Maria Marina Foundation, Lefapha la Bonono le Botjhaba la Kapa Bophirima, The Patrons of Cape Town Opera le UK Friends of Cape Town Opera Charitable Trust.
    hoFacebook: / capetownopera
    hoInstagram: / capetownopera
    hoTwitter: / capetown_opera
    Ingodisetse lenaneng la rona la ditaba: capetownopera....

КОМЕНТАРІ •