Khotso Moabi: MEFUTA EA PHUPUTSO: (METHEHO) 03 February 2025
Вставка
- Опубліковано 8 лют 2025
- Mefuta ea phuputso - (Moelelo oa k’hontšepote ka Deleuze le Guattari) - Research Methods: 54
K’HONTŠEPOTE KE ENG? (WHAT IS A CONCEPT?)
• “Ha ho lik’honsepte tse bonolo (simple). K’hontšepote e ’ngoe le e ’ngoe e na le likarolo (components)”.
• “K’hontšepote e ‘ngoe le e 'ngoe e na le likarolo (components), tseo li ka phetholoang (in turn) tsa e-ba lik’hontšepote”.
• Likarolo (components) li fa k’hontšepote moelelo (define).
• ’Nete e reng likarolo (components) li fa k’hontšepote moelelo e bolela k’hontšepote e na le chiffre. Lentsoe chiffre le fetoletsoe e le “motsoako” (“combination”), empa le boetse le bolela palo (figure), palo (numerical), (’me palo ena e nkuoe ka monahano (sentše) oa “palo e atisoang” (“an identifying numeral of a multiplicity”) joaloka ka opuse (opus number) ’minong - palo e fuoang seqapi mosebetsing oa sona (composer’s work), ka tloaelo (usually) e bontšang (indicating) tatellano (order) ea phatlalatso (publication), joaloka Beethoven, kakaretso (sum total), matšoao (initials), mokhoaritso (monogram) le k’houtu ea lekunutu kapa mongolo (secret code or cipher. U ka nahana ka motsoako (chiffre) oa k’hontšepote ka ho tšoana (analogy) le “’Na” (“I”) (ho inahanang), ho nang le tsela (style) ea ho etsa lintho, ho nang le motekeno (signature) hape ho nang le khoheli (character).
Litikoloho ea khokahano (Zones of overlap): K’hontšepote e “tlamahanya” likarolo (components) li seke tsa arohanngoa ka ho boeona (within itself). Likarolo (components) kapa moelelo oa ho tsitsa hoa k’hontšepote (consistency of the concept), eleng boeona bo ka mpeng (its endoconsistency), li fapane (distinct), li kopa-kopane ka ho se tšoane (heterogeneous), empa li keke tsa aroloa. Taba ke ena e ’ngoe le e ’ngoe e hokahane (overlaps) hanyenyane le tse ling, e na le tikoloho ea boahisane (has a zone of neighbourhood)… kapa tono ea tšobotsi e tšoanang e sa khetholleheng (threshold of indiscernibility) ho tse ling.
Mohlala, ka hare ho k’hontšepote ea motho osele, likarolo (components) tsa “lefatšeng le etsehang” (“possible world”) le “sefahleho” (“face”) lia hokahana (overlap). Mohlala, marato (passions) kapa metheo (pillars) ea “tsoelo-pele e tsitsitseng ea ho sebelisa tlholeho” (“sustainable development”) ekang sechaba (society), ik’honomi (economy) le tikoloho (environment) “likarolo (components) li sala li fapane (distinct), empa ho na le ntho e tlohang ka mona e ea ka mane”). Lekola boqapi (invention), tumellano (convention), ketsahalo (event) qalo (advent), le leeto (adventure): motso (root) oa tsena kaofela ke lentsoe la Sefora (French) avenir, le bolelang qaleho (to come into being).
• K’hontšepote e ’ngoe le e ’ngoe ke “palo e atisoang (multiplicity), leha ese palo e atisoang e ka k’hontšepotuehang (conceptual)”. Ho totobetse, pokello ea lethathamo la lintho kapa menahano (ideas) hase k’hontšepote. Metsi a leoatle, shoeshoe, lijo, libuka tse ncha, kofi. Ho fetolela (convert) lethathamo lena k’hontšepoteng, khokahano (interrelated) ea palo e atisoang (multiplicity), e leng motsoako (chiffre) o lokeloa ho fumanoa ho lona. Mohlomong, “Likontsikontsi tsa Khotso”?
• “Ha ho k’hontšepote e karolo (component) e ’ngoe, to! k’hontšepote e ’ngoe le e ’ngoe likarolo (components) li peli, bonyane”. Esita le k’hontšepote ea mathomo [original, or originary] e ka qalang filosofi, ea tlameha, ho ea ka moelelo (by definition), e atisehe (multiple). Hobane eng? Ea pele, ha ho molao o reng filosofi e tlameha ho qaloa ka k’hontšepote, kapa k’hontšepote eo ho qaliloeng ka eona e lokela ho tšoana. Descartes, Hegel le Feuerbach, mohlala, ba qala filosofi ea bona ka ho fapana hoa lik’hontšepote, ka bomong (respectively), ’na (cogito), ho itseba (absolute spirit), le khanyetso ea Bomolimo (materiality). Ka hoo, haeba filosofi e qala ka k’hontšepote, e lokela ho kopanya k’hontšepote le ho tiisa na hobane eng e khethuoe e le e qalang.